Lehodimo le wela fatshe!
Home | Node | Lehodimo le wela fatshe!

Written stories

Lehodimo le wela fatshe!

Author

Wendy Hartmann

Illustrator

Magriet Brink le Leo Daly

Translator

Hilda Mohale

Ka tsatsi le leng le neng le tjhesa Sethojana a tsamaya ho ya sela dijo. O nea tsamaya ka tlasa difate tse sehlotshwana tsa marula, ha a utlwa POTLO! –tholwana e tswang ho se seng sa difate ya mo wela hloohong. 

“Itjhu! Ho na le ntho e nkwetseng hloohong!” ha kakatletsa Sethojana. A shebahodimo mme a se ke a bona letho ntle le lehodimo feela. “Jonna wee,” harialo Sethojana. “E tlamehile hore ebe e le lehodimo. Lehodimo le wela fatshe. Ke tlameha ho ya bolella morena.” Yaba o a matha a ntse a kakatletsa mme akopana le Mokoko o ntse o kobokobola thoteng. 

 

Mokoko a phahamisa hlooho. “O ya kae, Sethojana?” a botsa. 

 

“Ke ilo bolella morena hore lehodimo le wela fatshe,” ha hlalosa Sethojana. 

 

“Ke hampe hakaakang! Na nka tla le wena ho ya tsebisa morena ditaba tsee?” ha botsa Mokoko. 

 

“Ee,” ha rialo Sethojana, “o ka nna wa tla le nna.” 

 

Yaba Sethojana le Mokoko ba tsamaya ho ya bolella morena hore lehodimo lewela fatshe. Ba tsamaya mmoho ba ntse ba kakatletsa ba kobola fatshe, mme bakopana le Letata lebopong la letamo la polasi. 

 

“Le ya hokae, Sethojana le Mokoko?” ha botsa Letata. 

 

“Re ilo bolella morena hore lehodimo le wela fatshe,” ha hlalosa Sethojana. 

 

“Ke taba tse mpe hakaakang! Na nka tla le lona ho ya tsebisa morena ditabatsee?” ha botsa Letata. 

 

“Ehlile,” ha rialo Sethojana le Mokoko. “Ha re tsamaye.” 

 

Yaba Sethojana, Mokoko le Letata ba tsamaya mmoho ho ya bolella morena horelehodimo le wela fatshe. Ba tsamaya mmoho ba ntse ba kakatletsa, ba kobolamme ba lla sa letata, yaba ba kopana le Gansi. 

 

“Le ya kae?” ha botsa Gansi. 

 

“Re ilo bolella morena hore lehodimo le wela fatshe,” ha hlalosa Sethojana. 

 

“Na nka tsamaya le lona?” ha botsa Gansi. 

 

“Ee,” ha rialo Sethojana, Mokoko le Letata. 

 

Yaba Sethojana, Mokoko, Letata le Gansi ba tsamaya ho ya bolella morena horelehodimo le wela fatshe. Ba tsamaya mmoho ba kakatletsa, ba kobola, ba llaseka letata le seka gansi, mme yaba ba kopana le Kalakunu. 

“Le ya hokae kaofela ha lona?” ha botsa Kalakunu. 

 

“Re ilo bolella morena hore lehodimo le wela fatshe,” ha hlalosa Sethojana. 

 

“Na nka tsamaya le lona?” ha botsa Kalakunu. 

 

“Ehlile, o ka nna wa tla,” ha rialo Sethojana, Mokoko, Letata le Gansi. 

 

Yaba Sethojana, Mokoko, Letata, Gansi le Kalakunu kaofela ha bona ba yaho ya bolella morena hore lehodimo le wela fatshe. Ba tsamaya mmoho bakakatletsa, ba kobola, ba lla seka letata, ba lla seka gansi mme ba lla sekakalakunu, yaba ba kopana le Phokojwe. 

 

Phokojwe a botsa, “Le ya hokae, Sethojana, Mokoko, Letata, Gansile Kalakunu?” 

 

“Phokojwe,” ba rialo, “re ilo bolella morena hore lehodimo le wela fatshe.” 

 

“Hao! Empa ena ha se tsela e yang moreneng,” ha rialo Phokojwe. “Ke tsebatsela e nepahetseng. Na le batla ke le bontshe?” 

 

“Ee, ka kopo hle, Phokojwe,” ba araba. 

 

“Ntateleng he,” ha rialo Phokojwe. “Ha re tsweng le mona, kapele!” 

 

Yaba Sethojana, Mokoko, Letata, Gansi, Kalakunu le Phokojwe kaofela habona ba ya ho ya bolella morena hore lehodimo le wela fatshe. Ba tsamaya, ba tsamaya ho fihlela ba fihla mokoting o mosesane o lefifi. Jwale, mona ene e le monyako wa lehaha la Phokojwe. Empa Phokojwe a re, “Ena ke tselae kgutshwane e lebang lesakeng la morena. Le tla fihla teng kapele ha le kantatela. Nna ke tla kena pele mme lona le ntatele.” 

 

“Re a leboha,” ha rialo Sethojana, Mokoko, Letata, Gansi le Kalakunu. 

 

Yaba Phokojwe o kena ka lehaheng. Ha a ka a kenella ho fihla qetellong. Aemisa hare mme a fetoha a ema. Qetellong a bona Kalakunu a etla a tswamokoting o lefifi a kena ka lehaheng. Kalakunu ha a ka a ya hole ha a utlwahang Phokojwe a mo phamola mme a fothola seshoba sa masiba. 

 “Jowee!” ha lla Kalakunu. “Tjhe bo, tjhe bo!” A fetoha mme a mathela ka ntleho lehaha mme a thula Gansi. Gansi a fetoha a thula Letata. Letata a fetohaa thula Mokoko. Mokoko a fetoha a thula Sethojana. Mme Sethojana yena? Sethojana a wa POTLO! fatshe. 

Kapelepele a tlolela hodimo, mme e mong le e mong wa bona a baleha batswa ka lehaheng ka potlako kamoo ba ka kgonang! Ba matha, ba mathaho fihlela qetellong, ba hema ka thata, Sethojana, Mokoko, Letata, Gansi leKalakunu ba fihla lapeng ba bolokehile. Mme yaba ba dula moo. 

 

Ha ba ka ba hlola ba tshepa Phokojwe le kgale. Ehlile, ha ho le a mong wabona ya ileng a fihla sakeng la morena mme ha ho le a mong ya kileng a bolellamorena hore lehodimo le ne le wela fatshe. 

 Mme … le a tseba ke eng? Ho fihlela kajeno, ha le eso ka le wa.