Seterata se tswang pele lefatsheng | Nal'ibali
Home | Node | Seterata se tswang pele lefatsheng

Written stories

Seterata se tswang pele lefatsheng

Author

Ka Kirstin Hartmann

Illustrator

Ditshwantsho ka Johann Strauss

Translator

E fetoletswe ke Hilda Mohale

Seterata sa Long se ne se le batsi ebile se le selelele. Lehlabula, ha Sonny le metswalle ya hae ba ya hae ho tswa sekolong, dieta tsa bona di ne di tlala lerole. Mariha, dieta tsa bona di ne di tlala seretse le metsi. Empa ka nako ya matsatsi a phomolo ya dikolo, ho ne ho se na motho ya kgathallang hore seterata se tletse lerole kapa seretse.

Seterata sa Long ke moo Sonny le metswalle ya hae ba neng ba bapala kerikete teng. Batho bohle ba ne ba tswela ka ntle ho tla shebella mme ho ne ho se le ya mong ya tletlebang ha bolo e ka wela ka jareteng ya hae. Ho se le ya mong, ntle feela le Mong Peterson.

“Matsatsing ana a phomolo re tlo ba le dipapadi tse ntle ka ho fetisisa tsa kerikete,” ha rialo Sonny ha ba leba hae mantsiboyeng a mang.

“EHLIIIILE!” ha rialo Simon le Jack.

“Thumi? O reng?” ha botsa Sonny.

“Empa o reng ka YENA?” ha botsa Thumi. A supa tlung ya Mong Peterson. “Jack o se a pshatlile e nngwe ya difesetere tsa hae.”

“O reng ka WENA?” ha rialo Jack. “O se o lahletse dibolo tse pedi ka jareteng ya hae.”

Ba ne ba tseba hore ha ba ka otla kapa ba akgela bolo ka hodima lebota la Mong Peterson, ba ne ba keke ba hlola ba e bona hape. Ha bolo ya bona e ne e ka thetehela ka tlasa heke, e ne e le ntja ya hae, Shikisha, ya e nkang. Ba tjamela ntlo ya Mong Peterson. Dikgweding tse mmalwa tse fetileng o ne a dula a tenehile.

“Na re na le bolo ya kerikete? Ke ne ke nahana hore o di nkile kaofela,” ha rialo Thumi.

“Ke na le e nngwe,” ha rialo Jack a bososela, “ha re hlophisetseng papadi e monate ka ho fetisisa ya kerikete e KILENG YA BONWA.”

Letsatsing la ho qetela la sekolo, Sonny o ne a se a tatetse ho ya hae ho ya bapala kerikete. O ne a nyakalletse haholo, o ile a ba a tsoka letsoho ho dumedisa Mong Peterson, empa Mong Peterson a iketsa eka ha a mmona.

“Dumela, Mme,” a hoeletsa ha a kena ka tlung. Mme wa hae o ne a bala koranta. O ne a nyakalletse haholo.

“Dumela, moshanyana wa ka,” mme a araba. “Mamela mona. Ke ntho e makatsang. Seterata sa Long jwale se se se tlo theosa ho ya fihla kwana setsing sa mabenkele. Qetellong ho tla ba le dibese le boemelo ba dibese. EMPA …” mme a rialo, “sena hape se bolela hore ha ho sa tla ba bana ba bapallang seterateng.”

“ENG?” pelo ya Sonny ya tetebela ha bohloko. Ba ne ba se ba hlophisitse papadi! A kgutlela ka ntle mme a dula setupug se ka pele sa ntlo a ntse a honotha. Lerata le leholo la etsa hore a shebe hodimo. Mong Peterson o ne a le hodima lere, a phahamisa lebota la hae la ka pele ka ho eketsa ditene tse ding hape.

“Atjhe!” ha honotha Sonny a tenehile. “Ke a tseba hore o batla ho thibela dibolo tsa rona hore di se ke tsa tlola lebota la hae, empa ha a sa loketse ho kgathatseha jwale.”

Yaba o ba le monahano – ha metswalle yohle ya hae e ka kopana mmoho mme ba kopa batswadi ba bona kaofela, ebe … mohlomong … ba ka ba le papadi e le nngwe ya ho qetela ya kerikete. A tswa a matha ho ya batlana le Simon.

Moqebelo wa beke e hlahlamang ho ne ho ena le nyakallo e kgolo hobane morero wa Sonny le Simon o ne o sebeditse! Kajeno ba ne ba tlo ba le papadi ya ho qetela – e kgolo ka ho fetisisa, e monate ka HO FETISISA ya kerikete! Bana bohle ba seterateng seo ba ne ba tla bapala. MME ho ne ho tla ba le meputso! Ba bang ba batswadi ba ne ba etsa diseneke bakeng sa bohle ho tla ja mmoho ka nako ya motsheare. Ntate wa Thumi ke yena ya neng a tla fana ka meputso qetellong ya letsatsi.

Leha tsena tsohle e ne e le bakeng sa ho ithabisa feela, Sonny o ne a ikutlwa a tshohile. Mokgopi o ne o opa matsoho le ho etsa ditlatse ha bolo ya pele e akgelwa ke Thumi.

Jack a fetela ka pele. PHATHA! A otla bolo ka matla haholo hoo e ileng ya nyolohela hodimo moyeng kwana.

Sonny a tsamaela pele ho kapa bolo, empa letsatsi le ne le benya ka mahlong a hae. A pelekanya mahlo, a ema mme a feta ka tlasa bolo. Batho bohle ba ne ba opa diatla. Eitse ha Sonny a qala ho kwala letsoho la hae a tshwere bolo, la tlolela morao hape. E ile ya tlolatlola ha nngwe mme ya thetehella hantle ka tlasa heke ya Mong Peterson, pelo ya Sonny ya tetebela.

“JWALE re tlilo etsa jwang?” ha botsa Thumi.

“Ha re no tswela pele ka papadi ya rona!” ha rialo Jack.

“Re KEKE RA HLOLA re fumana bolo ya rona hape!” ha omana Simon.

Sonny a fehelwa. “Ke tla e lata bolo yane,” a rialo.

“Empa Mong Peterson o tla o omanya,” ha rialo Thumi.

“A keke a o dumella hore o nke bolo … mme Shikisha ke a kgolwa o se a tjhekile mokoti mme o e patile ka moo!” ha rialo Simon.

“Jwale he, ke tla mpe ke leke feela,” ha rialo Sonny. “Ena ke papadi ya rona ya ho qetela mme ke hona re sa tswa qala. Re keke ra hlola re fumana sebaka se seng sa ho bapala tjena.”

Ka sebete, Sonny a bula heke ya Mong Peterson mme a nyolosa tselana. Shikisha o ne a le siyo moo. Mala a Sonny a ne a utlwahala eka ha a monate. O ne a tshohile hanyane. O ne a sa batle ho omanngwa ke Mong Peterson. Yare pele a fihla lemating le ka pele, la buleha ka potlako. Mong Peterson o ne a eme moo. O ne a shebahala a le moholo ho feta ha a le haufi. Marama a hae a ne a le mafubedu eka o halefile haholo.

Eitse moo Sonny a reng o bula molomo wa hae, Mong Peterson a bua ka lentswe le leholo le letenya, “Sonny! Ekare ke qetile hantle ka nako.”

“Ntshwarele, monghadi?” ha rialo Sonny.

“Tloo,” ha rialo Mong Peterson a bile a leba tshingwaneng e ka mora ntlo.

Molomo wa Sonny o ne o ahlame ke ho makala.

E ne e le tshingwana e kgolohadi seterateng seo. Jwang bo ne bo kutilwe mme ho ena le difate hohle ho pota jarete. Mong Peterson o ne a kentse thapo ho potoloha qetello ya jarete, jwalo feela ka lebala la kerikete. Mme bohareng, ho ne ho ena le diwikete tsa kerikete.

Sonny a sheba Mong Peterson mme a bososela. Mong Peterson le yena a bososela ha monate. “Ke maswabi hore ke se ke ka le lemosa ka diphetoho tse tla etswa seterateng. Ke sebeletsa masepala, empa ke ne ke sa dumellwa ho re letho. EMPA … ke ne nka etsa ho hong.” A tsheha. “JWALE … bitsa ba bang kaofela ba tle ka mona mme re tlo bapala kerikete.”

Jwale Sonny le metswalle ya hae ba se ba ena le tulo ya ho bapalla kerikete. Mong Peterson o thabela ha ba etla ho tla eta mme o natefelwa ke ho shebella dipapadi tsohle. Ehlile o tseba ho bala dintlha. Mme ha bolo e otlwa kapa e betsetswa hole haholo, Shikisha o matha ho ya e lata!

 

Iqapele!

Kgothaletsa bana ba hao ho taka setshwantsho sa lebala la kerikete jareteng ya Mong Peterson ka mora ntlo. E re ba sebedise dintlha tse paleng ho ba thusa. Hlahisa hore ba ngole seratswana se hlalosang lebala lena la kerikete ka tlasa ditshwantsho tsa bona.