Kgudu o palama tekesi | Nal'ibali
Home | Node | Kgudu o palama tekesi

Written stories

Kgudu o palama tekesi

Author

Ka Kai Tuomi

Illustrator

Ditshwantsho ka Jiggs Snaddon-Wood

Translator

Phetolelo ka Hilda D Mohale

Nkululeko le Mme wa hae le Ntate wa hae ke dikgudu. Ba ne ba dula mmoho karolong e tlase tshimong mane.

 

Jwale, dikgudu ha di hloke matlo jwaloka nna le wena, hobane di phela ka hara dikgaketla tsa tsona. Hape ntho e nngwe ka dikgudu ke hore di lenama haholo.

 

Bosiu, Nkululeko le Mmae le Ntatae ba ne ba le lenama ha ba robala, ka ho honyetsa dihlooho le maoto a bona ka hara dikgaketla tsa bona. Hoseng le teng ba ne ba le lenama ha ba tsoha, mme hangata e ne e ka ba ka hora ya leshome ha ba qetella ba tswile ka hara dikgaketla tsa bona mme ba ja dijo tsa hoseng. Dijo tsa hoseng e ne e le dipalesa le mahlaku.

 

Hoseng ho hong Ntate a inamela ka ho Mme mme a re, “Na ha se letsatsi le letle lee bakeng sa ho se etse letho? Ke mohau feela ka Nkululeko hobane o dula a le maphathaphathe a ya kwana le kwana.”

 

Nkululeko o ne a le lebelonyana eka ha se kgudu. O ne a sibolla dihlahla ho ya fihla ka nqane ho tshimo. Batswadi ba hae ba ne ba sisinya dihlooho tsa bona empa yena o ne a ipapalla ka hara qubu ya mahlaku a romotsehang hoo a neng a sa ba bone.

 

Nkululeko a bona ho hong ho benyang qubung ya mahlaku. E ne e le khoine e kgolo ya kgauta. “Ke tjhelete!” a rialo a bososela. “Ke tla nka leeto la tshibollo.”

 

Yaba he o qalella ho tsamaya. O ile a tsamaya ka hara tshimo mme a feta le jwanng, ho fihlela a fihla hekeng ya kgale e neng e tswela ka seterateng. A kgukguna ka tlasa yona.

 

Seterata se ne se tletse batho. O ile a tsamaya ka thoko ho tsela mme a leka hore batho ba ntseng ba feta ba se ke ba mo hata . O ile a emisa hukung mme a kga moya. Ke nakong eo moo Nkululeko a ileng a bona ho hong ho makatsang.

 

Sebakeng se senyane moo ho emang dikoloi, ditekesi tse kgolo di ne di palamisa batho mme di ya dibakeng tse neng di utlwahala eka di monate di ntle – toropong, lewatle, thabeng. Nkululeko a tshela seterata ho ya moo dikoloi di emang teng.

 

A ya tekesing ya pele e kgolo mme a re ka lentswe le bonolo, “Dumela, ke batla ho ya bona toropo, kapa lewatle, kapa thaba. Na o ka nthusa?”

 

Mokganni wa tekesi eo o ne a le motjha a le molelele. A inama mme a sheba kgudu e nyane e tshwereng khoine e kgolo ya kgauta. Mokganni a tsheha. “Kgudu ena e batla tekesi. Ho a qabola hle!” a rialo. “Ke mang ya kileng a utlwa ntho e jwalo?”

 

Nkululeko a inama a utlwile bohloko mme a tsamaya. Ka nako eo, motho e mong a bua. “Ke tla o isa,” ha rialo lentswe.

 

Nkululeko a sheba hodimo mme a bona monnamoholo a eme ka pela tekesi ya hae.

 

“Palama, kgudu e nyane,” ha rialo monnamoholo, a bososela, “mme ke tla o bontsha tsohle.”

 

Nkululeko a bososela haholo mme a leba tekesing. Monnamoholo a mo phahamisa mme a mmea setulong.

 

Nkululeko a otlolla molala wa hae hore a tsebe ho sheba ka ntle ka fensetere ya tekesi, empa e ne e phahame haholo. “E re re o batlele mesangwana ka mane ka buting, e le hore o tle o kgone ho dula hantle o phahame mme o bone hantle,” ha rialo monnamoholo.

 

Yaba ba a tsamaya, ba kganna hara diterata tse tletseng dikoloi tse letsang dihutara le batho ba yang kwana le kwana. Monnamoholo o ne a ntse a bua a kganna. A bolella Nkululeko hore lebitso la hae ke Bra Will, le hore o na le dilemo tse mashome a mahlano kaofela a ntse a kganna ditekesi.

 

“Ntate wa ka o se a na le dilemo tse mashome a robedi, Bra Will. Rona dikgudu re phela bophelo bo bolelele haholo, o a tseba,” ha hlalosa Nkululeko.

 

Bra Will a oma ka hlooho. Ka ntle matlo a ne a ntse a eba maholo. Bra Will a re ba se ba tla fihla toropong e se kgale.

 

“Hobaneng o batla ho bona dibaka tsee tsohle?” ha botsa Bra Will.

 

“Taba ke ena,” ha araba Nkululeko, “dikgudu di tsamaya butle haholo mme ka nako tse ding ke a teneha ke ho tsamaya hohle tshimong. Ke batla tshibollo!”

 

Mahlo a Bra Will a ile a tlala thabo. “Ke a utlwisisa,” a rialo.

 

Toropo e ne e le kgolo e tletse lerata. Meaho e melelele haholo e ne e nyolohela marung. Ho ne ho ena le batho le dikoloi hohle mme e ne e ka ho na le lerata le leholo!

 

“Ena ke ntho e monate ka ho fetisisa,” ha rialo Nkululeko.

 

“Sena ha eso be letho,” ha rialo Bra Will, “Ema feela ho fihlela o bona lewatle. Ho nna toropo ena e tletse lerata haholo empa ha e le lebopo la lewatle lona, ehlile le letle haholo.”

 

Yaba ba tloha toropong.

 

“Bula fenstere,” ha rialo Bra Will, “o tle o utlwe monko wa lewatle.”

 

Nkululeko a theola fensetere butlebutle. “Ho nkga letswai,” a rialo, a bososela.

 

Eitse ha ba potela hukung ba bona ntho e kgolo ebile e le bolou e namme kapele ho bona. “Ke eng hola?” ha botsa Nkululeko, a ahlamisitse molomo.

 

“Ke lewatle,” ha rialo Bra Will, a tsheha.

 

“Le a makatsa ruri,” ha rialo Nkululeko.

 

Tekesi eo ya emisa sebakeng se senyane sa ho emisa dikoloi, haufi le santa e ngata e tshweu e ikadileng ho ya kena ka hara lewatle.

 

“Mme sena he ke lebopo la lewatle,” ha rialo Bra Will. “E re re emise mona hanyane mme re tsamatsamaye santeng ena e bonolo.”

 

Bra Will a thusa Nkululeko ho ya lebopong. Hohle ho ne ho ena le batho ba bapalang le ba ipaqametseng letsatsing. Ho ne ho tjhesa haholo. Nkululeko a tsamatsamaya moo butle, a qaputsa metsing a sa tebang, mme a sheba dikgaketla tse ntle tse santeng moo.

 

Kamora moo ya eba nako ya ho ya thabeng. Nkululeko o ne a kile a bona thaba a le tshimong yabo, empa o ne a eso ka a eba HONA thabeng hantle. Ba ile ba kganna moepeng ha ba tloha lewatleng. Ka hodima thaba moya o ne o le mongata. Nkululeko o ile a ba a bona monna e mong a lahlehelwa ke katiba ha e fefolwa ke moya!

 

Eitse ha tekesi e qetella e eme, Nkululeko a theoha mme a makala haholo. O ne a kgona ho bona toropo yohle a le moo. O ne a bona lewatle le lebopo la lona esitana le lehae la hae le tshimo ya teng. Yaba o nahana ka Mme wa hae le Ntate wa hae.

 

“Ena ke tulo e ntle ka ho fetisisa, Bra Will,” ha rialo kgudu, “mme ebile monyaka o moholo ho nna ho tsamaya le wena hohle mona ka koloi ya hao, empa jwale ke nahana hore ke nako ya hore ke lebe lapeng ho Mme le Ntate.”

 

Bra Will a koba leihlo mme a kganna tekesi ho kgutlela renkeng ya ditekesi. Nkululeko a mo leboha, mme a ntsha khoine ya kgauta ka hara kgaketla ya hae.

 

Bra Will a sisinya hlooho mme a re, “Boloka tjhelete ya hao, Nkululeko. E bile thabo ho o tsamaisa hohle. Thabo eo o bileng le yona ke yona tefo e ntekaneng.”

 

Nkululeko a sadisa hantle mme a qala ho tsamaya butle a leba lapeng. Tseleng a kopana le morekisi wa ditholwana mme a sebedisa khoine ya kgauta ho reka lebokoso la ditoroberi tse butswitseng, leo a ileng a le jara hodima kgaketla ya hae. Ho ne ho se ho fifala ha a fumana tsela e kenang tshimong. Mmae le Ntatae ba ne ba mo emetse.

 

“O ne o ntse o le kae?” ha botsa Ntate. “Re ne re kgathatsehile haholo.”

 

Nkululeko a ba haka haholo. Ba arolelana ka ditoroberi mme a phetela batswadi ba hae ka tsohle tseo a di boneng ha a ne a le tekesing.

 

“Ekare ho bile monate bo,” Mme a rialo, “empa ke thabetse feela ha o le hae, Nkululeko.”

 

“Le nna,” a araba. “Le a tseba hore ke se ke etswa hohle jwale – leboya, borwa, botjhabela le bophirima empa ho dibaka tsohle tseo ke di boneng … lehae ke lona le tswang pele.”

 

Ha a tjho jwalo yaba o honyetsa hlooho ya hae le maoto ka hara kgaketla ya hae mme a kgaleha.

 

Iqapele!

* E re bana ba hao ba sebedise ditshelo tsa mahe, khateboto, pente le sekgomaretsi ho etsa dikgudu tse paleng. Ba ka sebedisa dintho tse ding tse lahlilweng (jwaloka dikwahelo tsa dibotlolo le mabokoso a sereyale kapa a dibisikiti) ho etsa tekesi. Ba kgothaletse ho sebedisa diporopo tsa pale tseo ba di entseng ho pheta pale hape ka tsela eo e leng ya bona.

* Hlahisa hore bana ba hao ba take mmapa ho bontsha dibaka tseo Nkululeko a di tsamaileng leetong la hae la ho sibolla le tlhahlamano eo a di etetseng ka yona.