Leteketifi Gus, eo e leng korela
Home | Node | Leteketifi Gus, eo e leng korela

Written stories

Leteketifi Gus, eo e leng korela

Author

Ka Ann Walton

Illustrator

Ditshwantsho ka Rob Foote

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Gus le Gabby, dikorela tse pedi tse mosa, ba ne ba dula karolong e ikgethang ya serapa sa diphoofolo. Ba ne ba ena le ntlwana e nyane eo ba robalang ho yona, le jankele jimi ya mapolanka moo ba neng ba bapalla teng. Hape ba ne ba ena le difate tse tharo tseo ba neng ba di palama.

 

Gus le Gabby ba ne ba eja dijo tsa motsheare. Ba ne ba eja khabetjhe le mokopu le dinawa le poone, le dilamunu le diphopho le diapole le dipanana tse ngata. Ba ne ba rata dipanana!

 

Hanghang hlooho ya moshanyana e monyane ya hlahella ka hodima lebota la tshimo ya Gus le Gabby.

 

"Dumelang," a rialo.

 

"Dumela," ha arabela Gus.

 

"Na nka theohela kamoo ka tla bapalla jankele jiming eo?" a botsa.

 

"Ee," ha araba Gus. "Tlolela ka tshingwaneng ka mona, empa o lemohe meutlwa eo!"

 

Yaba moshanyana eo o tlolela ka hare mme a wela hantle hodima jwang haufi le dikorela.

 

"Re se re tla qeta ho ja dijo tsa motsheare, empa re sa ntse re ena le panana e le nngwe e setseng" ha rialo Gus. Leha a ne a arta ho ja dipanana ho ef ta dijo dife kapa dife, Gus e ne e le korela e lokileng haholo. A e phahamisa ho e fa moshanyana eo.

 

"Na o batla ho e ja?" a botsa.

 

"Ee, ka kopo hle," ha araba moshanyana e monyane. A nka panana mme a bososela.

 

"Mme wa hao o hokae?" ha botsa Gus.

 

"O lahlehile," ha araba moshanyana.

 

"Kgele. Na le wena o lahlehile?" ha botsa Gus.

 

"Tjhe, ha ke a lahleha, ke mona," ha araba moshanyana eo.

 

"Ke nnete," ha rialo Gus. "Mme wa hao o lahlehile jwang?"

 

"Re ne re tsamaya mmoho, re eja aesekerimi, mme eitse ha ke phahamisa mahlo, ka mmona a se a le siyo," ha rialo moshanyana.

 

"Ke a tshepa hore o tla mo fumana ha morao. Empa ha jwale ha re bapale!" ha rialo Gus, mme a nka letsoho la moshanyana eo mme a mo phahamisetsa hodimo a mmea hodima jankele jimi ya mapolanka.

 

Ba ile ba qeta letsheare lohle ba thabile mmoho. Gus a nna a tsamaya a shebisitse hlooho fatshe hodima dipalo tsa mapolanka tsa jankele jimi, a itshwareleditse ka matsoho le maoto, mme moshanyana a mo etsisa. Gus a tshwara lekala le leketlileng ka hodima jankele jimi mme a fofela ka hodimo sefateng se seholo. Moshanyana a mo etsisa. Ba ile ba ba ba haka maoto a bona makaleng mme ba leketlisa dihlooho fatshe! Gus le moshanyana eo ba ile ba bapala mmoho letsheare lohle, ho fihlela moshanyana a se a kgathetse haholo ke ho bapala.

 

"Hobaneng o sa phomole hanyane?" ha railo Gus.

 

"Ho lokile," ha rialo moshanyana. A tsamaela thoko mane mme a fihla a kgaleha hodima bethe ya jwang e hlwekileng, e nkgang ha monate ka hara ntlo ya Gus le Gabby.

 

"Haeba a lahlehile, mohlomong a ka dula le rona mona bophelo ba hae bohle," ha rialo Gabby. "Nka rata seo!"

 

"Le nna nka rata seo," ha rialo Gus.

 

Ka yona nako eo mohlokomedi wa serapa sa diphoofolo a fihla.

 

"Ke nahana hore ke le tshwaretse ditaba tsa bohlokwa," a rialo, mme a neha Gus lengolo. Yaba o a tsamaya, mme a kwala heke.

 

"E lokela hore e be e le ditaba tsa bohlokwa ka nnete haeba e le lengolo le ngoletsweng Gus!" Gabby a nahana jwalo. "Lengolo leo le reng, Gus?" ha botsa Gabby ka pososelo ya hae e kgolo e edileng.

 

Gus a palama ho ya ka hodimodimo ho jankele jimi mme a bula lengolo. "Le tswa ho Lepolesa Moloi," a rialo.

 

"Le bale, le bale!" ha rialo Gabby.

 

Gus a tshwara lengolo ka pela hae mme a le balla hodimo hore Gabby a utlwe:

 

Gus ya ratehang

 

Re kopa o re thuse hle.

 

Molefe o lahlehile. O na le dilemo tse hlano. O ne a ntse a tsamaya le mme wa hae serapeng sa diphoofolo. Ba ne ba ntse ba eja aesekerimi. Mme wa Molefe o re o rata aesekerimi ya tjhokolete, mme o ile a botsa Molefe hore yena aesekerimi eo a e ratang ke efe. Empa Molefe ha a ka a araba, hobane o ne a le siyo!

 

Mme wa hae o ne a kgathatsehile haholo. O ile a hoeletsa, a hoeletsa, "Molefe, Molefe, o hokae?" Empa ho ne ho se karabo.

 

Mme wa Molefe o ile a matha hohle ka hara serapa sa diphoofolo a batlana le yena, empa a se ke a mo fumana. O lahlehile. O nyametse! Jwalo feela!

 

Mme wa Molefe o lla haholo mme o mona seteisheneng sa mapolesa, Gus. Ka kopo a ko re thuse hle.

 

Haeba o ka utlwela ho hong ka Molefe, ke kopa o ikotle sefubeng haholo, mme re tla tla re matha.

 

Ka ditumediso, Gus.

 

Motswalle wa hao

Lepolesa Moloi

 

Gus o ne a utlwile bohloko. "Ke nahana hore moshanyana yane e monyane ya robetseng ka tlung ya rona e ka nna ya eba Molefe," a rialo.

 

"Hobaneng o nahana jwalo, Gus?" ha botsa Gabby.

 

"Hobane o itse mmae o ne a eja aesekerimi ha a tla lahleha," ha rialo Gus. "Haeba e le Molefe, re keke ra kgona ho mmoloka mona. Mme wa hae o ntse a mo llela."

 

"Ke a kgolwa o utlwile bohloko haholo," ha rialo Gabby. "O nepile, Gus, re keke ra mmoloka mona."

 

Ka yona nako eo moshanyana e monyane a tsoha mme a tswela ka ntle tshingwaneng, a ntse a ipikitla mahlo.

 

"Ke batla mme wa ka. O kae?" a rialo.

 

"Re tla mo fumana," ha rialo Gus. "Lebitso la hao o mang moshanyana?"

 

"Ke Molefe," ha araba moshanyana eo.

 

"Ke tla tsebisa Lepolesa Moloi le mme wa hao hore o mona," ha rialo Gus. Yaba o a ikotlolla mme o ema ka hodima jankele jimi. A phahamisa matsoho a hae mme a ikotla haholo sefubeng se seholohadi sena.

 

Lepolesa Moloi a utlwa moropa oo o lla. A tswa a matha a hemesela ho ya tlung ya dikorela. Mme wa Molefe a utlwa modumo oo wa moropa mme le yena a sala Lepolesa Moloi morao. O ne a matha a hemela hodimo ho ya tlung ya dikorela.

 

"Ka ba ka o fumana, Molefe!" a rialo. A mo nka a mo kopa ka diatla.

 

"Ba o fumane, Mme!" ha rialo Molefe.

 

"Ehlile! Ntle le wena ke ne ke lahlehile, Molefe," a rialo. "Empa ke hobaneng ha o le ka hara sebaka sa dikorela tje?"

 

"Ke ne ke ntse ke bapala hodima jankele jimi le motswalle wa ka, Gus," ha araba Molefe.

 

"Hao ... basadi! Jwale re lokela ho ya lapeng, Molefe," ha rialo mme wa hae. A sheba ka ho Gus. "Ke a leboha ha o ile wa hlokomela Molefe mme wa bapala le yena," a rialo.

 

Molefe a mathela ho Gus, mme korela e kgolohadi ya mo phaphatha hloohong. Gabby a mo sheba ka pososelo e mona ya hae e kgolo e tletseng lerato.

 

"Salang hantle," ha rialo Molefe, mme yena le mme wa hae ba tsamaya.

 

"Gus, ka lebaka la hao, Molefe o bolokehile," ha rialo Lepolesa Moloi. "O leteketifi le hlwahlwa!"

 

Ka letsatsi le hlahlamang Hlooho ya Sepolesa le sehlopha sa mmino wa diletswa le rakhemera le moqolotsi wa ditaba ba fihla serapeng sa diphoofolo. Batho ba bangata ba ba sala morao. Mohlokomedi wa serapa sa diphoofolo a ba kenya ka tshingwaneng ya Gus le Gabby kaofela ha bona. Sehlopha sa mmino wa diletswa sa letsa pina, rakhamera a nka ditshwantsho tsa Gus, mme moqolotsi wa ditaba a ngola pale e mabapi le Gus le Molefe. Mokgopi wa batho wa etsa ditlatse.

 

"Gus ke leteketifi le hlwahlwa," ha rialo Hlooho ya Sepolesa. "O kile a tshwara leshodu le tsebahalang la mekotlana ya ho ya ho reka ya mabenkeleng mme jwale o se a fumane moshanyana ya neng a lahlehile. O sebeditse, Gus!" Yaba Hlooho ya Sepolesa o fa Gus sehlophahadi sa dipanana tse tshehla mme a fa Gabby sehlopha sa dipalesa tse ntle tse tshehla.

 

Ha bohle ba se ba tsamaile, Gus le Gabby ba dula fatshe mme ba ja dipanana tsohle ntle le e le nngwe feela. "Na o ka rata ho ja panana ya ho qetela, Gabby?" ha botsa Gus.

 

"Tjhe, ke a leboha, Gus," ha rialo Gabby ka pososelo e mona ya hae e ntle. "Ke ja dipalesa. O se o le leteketifi le tummeng jwale! O ka nna wa ja panana ya ho qetela!"

 

Yaba o etsa jwalo.