Sefaha sa mehlolo
Home | Content | Sefaha sa mehlolo

Written stories

Sefaha sa mehlolo

Mehleng e fetileng, ho kile ha eba le rapolasi ya neng a bitswa Vusi, ya neng a le matla haholo.

Ha ho motho ya neng a tseba hore o etsa jwang, empa o ne a kgona ho kakasa dikgomo tse pedi ka nako e le nngwe.

Hoseng ho hong, ha Vusi a tsoha, a matha a leba kwana le kwana ke ho tshoha. “Sefaha sa ka!

Ke mang ya utswitseng sefaha sa ka sa mehlolo?” a hoeletsa. “Ntle le sona ke tla be ke lahlehetswe ke matla ohle a ka,

mme ke tla itshwanela le motho ofe kapa ofe!”

A mathela fenstereng, ka yona nako eo a bona moshanyana e monyane a baleha ka lebelo le matla haholo…