Lerato ya fofang | Nal'ibali
Home | Content | Lerato ya fofang

Written stories

Lerato ya fofang

Ka tsatsi le leng kgalekgale, ngwananyana ya bitswang Lerato o ne a tsamaya hara thota ha a tla bona kolobe e nyane,

e ntsho, e nonneng e kgalehile ka tlasa sehlahla. “Aha,” ha rialo Lerato. “Re tlo ja ha monate kajeno bosiu.”

Lerato a tshwara kolojana eo, empa ka ho makala a utlwa e mo kopa, “Ke a kopa hle, ntlohele!

Ke tla o putsa – ke kolobe e nang le mehlolo.” Lerato a tjamela kolobe. “O tla mpha eng?” a botsa.

“Ee, ka beke e le nngwe,” ha rialo kolobe, “o tla kgona ho fofela hodimo jwaloka nonyana …